Sesotho Home Language Grade 11 · Term 3 · 21 questions
Tlhahlobo e Tswetseng Pele ya Dingolwa: Dipotso le Dikarabo Kereiti 11
Advanced Literature Analysis Questions and Answers Grade 11
21 exam questions on this topic from Sesotho Home Language Grade 11 past papers, each with a full answer.
What the ATP covers
Thothokiso: Tlhahlobo ya thothokiso e sa bonwang le meqoqo ya dingolwa. Padi: Ho araba dipotso tsa moelelo le dipotso tsa moqoqo o motelele tse thehilweng hodima mongolo o laetsweng.
Exam Questions
Hide answers Expand allSethothokisi se kgalema batho ba ratang ho bapala ba sa nke boikarabelo, ba fetohileng ditsetse tsa masiu, ba tshabang ho kgalema bana, mme ba ba ba beha molato tokolohong. Se re batho ba tshwanela ho hola kelellong, ba se hloye ba se nang molato, mme ba sebedise dikelello tsa bona ho lokisa maphelo a bona.
Kgetho ya mantswe ke ha sethothokisi se sebedisa mantswe a sa tlwaelehang ho tiisa molaetsa wa hore batho ba lokela ho nka boikarabelo ba ketso tsa bona. Dintlha tse tlamehang ho hlahella ke tsena:
- Molathothokisong wa 1, "bosawana" e sebediswa sebakeng sa papadi e tlwaelehileng, ho bontsha hore batho ba rata ho bapala papadi tse se nang thuso.
- Molathothokisong wa 3, "ditsetse" e bontsha batho ba tsamayang bosiu ba sa batle ho bonwa, ba phethahatsa merero e sa lokang.
- Molathothokisong wa 5, "maima" le "ho kakatlela" di bontsha bothata ba ho kgalema bana ka thata ha ba lla ka tokoloho.
- Molathothokisong wa 8, "lehesheheshe" e bontsha hore batho ba fetana feela ho se na ya kgathallang e mong ka lebaka la ho hloka botho.
- Molathothokisong wa 13, "ingamangama" e bontsha hore batho ba se tletlebe, ba sebedise dikelello tsa bona ho lokisa phoso.
Moqoqo o be le selelekela, mmele o nang le diratswana tse momahaneng le phethelo e re kgetho ya mantswe e matlafatsa molaetsa.
Thothokiso e bua ka feshene e tshwanang le moya o bapalang le batho bohle, bacha le baholo. Baholo ba apara jwalo ka bacha, ba ikgalala ka ho se salle morao, empa feshene ha e kgethe batho: e moholo le e monyane ba nkehile ke yona.
Le sebedisitswe ho imakatsa, hobane sethothokisi se tseba karabo ya potso.
Thothokiso e bua ka feshene e tshwanang le moya o bapalang le batho bohle, bacha le baholo. Baholo ba apara jwalo ka bacha, ba ikgalala ka ho se salle morao, empa feshene ha e kgethe batho: e moholo le e monyane ba nkehile ke yona.
E lekalekanya moelelo wa mantswe a tlileng pele le a kamora yona ("ntho disele"), e fokotsa bolelele ba molathothokiso, mme e kgina kapa e potlakisa morethetho.
Thothokiso e bua ka feshene e tshwanang le moya o bapalang le batho bohle, bacha le baholo. Baholo ba apara jwalo ka bacha, ba ikgalala ka ho se salle morao, empa feshene ha e kgethe batho: e moholo le e monyane ba nkehile ke yona.
Feshene ha e kgethe mang kapa mang, hobane e tenwa ke bohle.
Thothokiso e bua ka feshene e tshwanang le moya o bapalang le batho bohle, bacha le baholo. Baholo ba apara jwalo ka bacha, ba ikgalala ka ho se salle morao, empa feshene ha e kgethe batho: e moholo le e monyane ba nkehile ke yona.
Maikutlo a ho makala: ke makatswa ke batho ba baholo ba setseng feshene morao jwalo ka bacha. (Maikutlo a mang a ananelwa ha a na lebaka le utlwahalang.)
Thothokiso e bua ka feshene e tshwanang le moya o bapalang le batho bohle, bacha le baholo. Baholo ba apara jwalo ka bacha, ba ikgalala ka ho se salle morao, empa feshene ha e kgethe batho: e moholo le e monyane ba nkehile ke yona.
Ha se ketso e bohehang ho bona batho ba baholo ba rata feshene jwalo ka bacha.
Thothokiso e hlalosa mokudi wa nyaope ya hlokang thuso, ya utlwang medumo ya ditshepe le ho bonwa e le lengeloi toro. E bontsha mahlomola a moloko, ho hana ha badimo le masisapelo a bakeng sa bacha ba senyang maphelo a bona ka dithethefatsi.
E fa lentswe "ngaka" sefutho kapa e potlakisa morethetho wa molathothokiso.
Thothokiso e hlalosa mokudi wa nyaope ya hlokang thuso, ya utlwang medumo ya ditshepe le ho bonwa e le lengeloi toro. E bontsha mahlomola a moloko, ho hana ha badimo le masisapelo a bakeng sa bacha ba senyang maphelo a bona ka dithethefatsi.
Se hlakisa hore mokudi o ne a lla sello se bohloko, a hoeleditse.
Thothokiso e hlalosa mokudi wa nyaope ya hlokang thuso, ya utlwang medumo ya ditshepe le ho bonwa e le lengeloi toro. E bontsha mahlomola a moloko, ho hana ha badimo le masisapelo a bakeng sa bacha ba senyang maphelo a bona ka dithethefatsi.
E bopela mmadi setshwantsho se hlakileng sa hore dithethefatsi di etsa hore motho a utlwe medumo ya ditshepe.
Thothokiso e hlalosa mokudi wa nyaope ya hlokang thuso, ya utlwang medumo ya ditshepe le ho bonwa e le lengeloi toro. E bontsha mahlomola a moloko, ho hana ha badimo le masisapelo a bakeng sa bacha ba senyang maphelo a bona ka dithethefatsi.
Maikutlo a masisapelo le bohloko: ho bohloko ho bona bacha ba itshenyetsa bokamoso le ditoro tsa bona ka dithethefatsi.
Thothokiso e hlalosa mokudi wa nyaope ya hlokang thuso, ya utlwang medumo ya ditshepe le ho bonwa e le lengeloi toro. E bontsha mahlomola a moloko, ho hana ha badimo le masisapelo a bakeng sa bacha ba senyang maphelo a bona ka dithethefatsi.
Sethothokisi se kgalema bacha hore ba se kgahlwe ke dithethefatsi, hobane di kotsi mme di senya maphelo a bona.
Sethothokisi se bua ka lefu e le ntho e tshosang e ntshang kgapha mahlong, e dulang e rwetse batho tsatsi le eme. Lefu ha le kgethe: lefatshe lohle le a le tshaba, mme le fihlela motho e mong le e mong.
Ke ho hokela melathothokiso e mmedi.
Sethothokisi se bua ka lefu e le ntho e tshosang e ntshang kgapha mahlong, e dulang e rwetse batho tsatsi le eme. Lefu ha le kgethe: lefatshe lohle le a le tshaba, mme le fihlela motho e mong le e mong.
Ke ho potlakisa morethetho wa molathothokiso kapa ho fokotsa bolelele ba wona.
Sethothokisi se bua ka lefu e le ntho e tshosang e ntshang kgapha mahlong, e dulang e rwetse batho tsatsi le eme. Lefu ha le kgethe: lefatshe lohle le a le tshaba, mme le fihlela motho e mong le e mong.
Lefu le tshajwa ke bohle ka lebaka la ho hlaba le ho utlwisa bohloko ha le fihla.
Sethothokisi se bua ka lefu e le ntho e tshosang e ntshang kgapha mahlong, e dulang e rwetse batho tsatsi le eme. Lefu ha le kgethe: lefatshe lohle le a le tshaba, mme le fihlela motho e mong le e mong.
Maikutlo a ho tshoha le masisapelo: ho a tshosa ho bona batho ba hlokahala ka bongata.
Sethothokisi se bua ka lefu e le ntho e tshosang e ntshang kgapha mahlong, e dulang e rwetse batho tsatsi le eme. Lefu ha le kgethe: lefatshe lohle le a le tshaba, mme le fihlela motho e mong le e mong.
Lefu ha le kgethe, le fihlela motho e mong le e mong.
Thothokiso e hlalosa motho e le sebopuwa se fetofetohang, se thabang motsotsong o mong mme se hlomana o latelang. Se ka o siya mathateng, sa o tsheha, mme sethothokisi se eletsa hore motho a se ithetse ka hore o tseba motho.
E sebedisitswe ho hlakisa hore motho o fetofetoha kgafetsa.
Thothokiso e hlalosa motho e le sebopuwa se fetofetohang, se thabang motsotsong o mong mme se hlomana o latelang. Se ka o siya mathateng, sa o tsheha, mme sethothokisi se eletsa hore motho a se ithetse ka hore o tseba motho.
Ke ho toboketsa taba ya hore motho a ka o kenya mathateng.
Thothokiso e hlalosa motho e le sebopuwa se fetofetohang, se thabang motsotsong o mong mme se hlomana o latelang. Se ka o siya mathateng, sa o tsheha, mme sethothokisi se eletsa hore motho a se ithetse ka hore o tseba motho.
Motho a ka utlwisa bohloko, mme a boele a o tshedise.
Thothokiso e hlalosa motho e le sebopuwa se fetofetohang, se thabang motsotsong o mong mme se hlomana o latelang. Se ka o siya mathateng, sa o tsheha, mme sethothokisi se eletsa hore motho a se ithetse ka hore o tseba motho.
Maikutlo a tshwabo: ke swabiswa ke diketso tsa motho ya etsang tse ntle kajeno, mme hosasa a etsa tse mpe tse swabisang.
Thothokiso e hlalosa motho e le sebopuwa se fetofetohang, se thabang motsotsong o mong mme se hlomana o latelang. Se ka o siya mathateng, sa o tsheha, mme sethothokisi se eletsa hore motho a se ithetse ka hore o tseba motho.
O se behe tshepo ya hao mothong, hobane ke sebopuwa se fetofetohang jwalo ka lempetje.
