Pale ke eng ka Sesotho

Pale kapa Nobele ke Eng?

Pale kapa nobele ke sengolwa se reretsweng ho phetwa. Se arotsoe ka dikgaolo kapa ka dihlohwana. Se ka ba le baphetwa ba bangata ho ya kamoo mongodi a e radileng kateng. Sengolweng sena ho na le molwantshi le molwantshuwa, bobedi e ba baphetwa ba sehlooho. E ba bona bao ditaba tsa sengolwa di thehwang hodima bona. Se ka thehwa hodima ditaba tsa nnete kapa tsa boiqapelo e le ho fetisa molaetsa o itseng, ho ya ka morero wa mongodi.

Mohlala, ditaba tse ka bontshang bobe ba ho hloya melata kapa matswantle, tshebediso e mpe ya basadi le bana, mesebetsi e metle ya motho e ke ke ya pateha, mohale o tswa maroleng, jwalo jwalo.

Makgetha Ditlhaloso

Sehlooho
Ke lentswe kapa mantswe ao mongodi a ka tshetlehang maikutlo le mehopolo ya hae hodima ona.

Poloto/Moralo

  • Poloto e bolela kamano ya diketsahalo le kamoo di lotomantsweng kateng ho latela sebopeho sa diketsahalo tse paleng le kamoo e phetwang kateng.
  • Poloto ke tsela eo diketsahalo di hlahiswang le ho hlophiswa ka yona, kapa ke tsela eo di amanang ka yona ho hlahisa sephetho se lebelletsweng.
  • Poloto e theuwe hodimo kgohlano, kgohlano ke yona tshiya ya poloto hobane e thusa kgolong ya poloto. Qalong, baphetwa ba tobana le qaka kapa tsietsi eo hangata e rarollwang pheletsong ya pale.
  • Dintlha tsa poloto/moralo ke tlhekelo, kgolo le tharahano, sehlohlolo, mothipoloho, phethelo kapa tharollo. E na le mefuta e meraro e leng: poloto ya tatelano e tlwaelehileng (A-Z ya diketsahalo), poloto e mahareng ha diketsahalo (e qala diketsahalo bohareng) le kgetlomorao/ho hetla morao (e thusa mmadi ho utlwisisa hore diketsahalo/ditaba di fihlile jwang moo di leng teng).

Mefuta ya Poloto

Poloto ya Tatelano e Tlwaelehileng

Mona mongodi o qala qalong hantle a re fe tlhaho le kgolo ya mophwetwa ho fihlela a ba moholo. Mofuta ona wa poloto o bitswa A-Z ya diketsahalo. Ha e le bonneteng ditaba tsa Tutudu ha e patwe di ne di tlameha ho qala ka tlhaho le kgolo ya Tutudu. Ha mongodi a ne a ile a sebedisa mofuta ona wa poloto paleng ya Tutudu ha e patwe, o ne a tlamehile ebe o qadile ka “Kgolo ya ka e bile boima haholo… tsa boseyeng ba ka ha ke di tsebe, mme ha ho motho ya mphetetseng tsona ka botlalo” mme e le mongodi ya buang e seng Tutudu.

Poloto e Mahareng

Mongodi mona o qala ditaba tsa hae bohareng, a nto kgutlela morao kapa qalong ya dintho. Paleng ya Tutudu ha e patwe, mmadi o kopana le Tutudu a se a qetwa ho hirwa sekolong sa Sedibeng kgaolong ya Setlabotjha mme o tima mmadi tlhaho/tswaleho ya Tutudu. Ho pelo e ja serati, Tutudu o bua mantswe ana: “Kgolo ya ka e bile boima haholo… tsa boseyeng ba ka ha ke di tsebe, mme ha ho motho ya mphetetseng tsona ka botlalo.” Mongodi o sebedisa lewa lena hore mmadi a utlwisise hore Tutudu o hotse jwaloka ngwana pele e ba titjhere le ha abile le kgolo e utlwisang bohloko.

Kgetlomorao/ho Hetla

Mona mongodi o sebedisa lewa lena e le ho thusa mmadi ho utlwisisa hore ditaba/diketsahalo tsa pale di hlaha/tswaleha kae. Paleng ya Tutudu ha e patwe, Tutudu o phetela Dikgapane ka tsa kgolo e bohloko ya hae (Pelo e ja serati). “Kgolo ya ka e bile boima haholo… tsa boseyeng ba ka ha ke di tsebe, mme ha ho motho ya mphetetseng tsona ka botlalo.” Mongodi o sebedisa lewa lena. Ha ke phetelwa ho thwe mme o kene tlong a tetebetse maikutlo ke ho phoqwa ke mohlankana.” Mongodi o hetlisa mmadi morao ka mantswe ana hore a be le kutlwisiso e tebileng ka mophetwa enwa wa sehlooho.

See also  Sesotho Idioms: Maele a Sesotho le Ditlhaloso - English Translations

Dintlha tsa Moralo/Poloto/Sekapoloto

Tlhekelo/Selelekela
Dintlha tsa tlhekelo ke:

  • Sebaka/Tikoloho – Tulo moo diketsahalo di etsahalang teng, mohlala: sekolong, ha ntate nyeo, motse selehae, motse setoropo jj.
  • Nako – Sejwalejwale, sekgalekgale, nako ya letsatsi. Sehla.
  • Baphetwa le Kamano – Madi, lerato, tshebetso jj.
  • Tlhasenyana ya Kgohlano e a hlahiswa ho bonahala eka moya wa kgohlano o tla kunkela, ho tloha mona.

Tikoloho le Nako

Di thusa ho bopela mmadi setshwantsho se hlakileng ka sebaka/tulo le nako (mehla efe). Sebaka sa diketsahalo paleng ena ke motseng wa Thabure e leng motse wa ditoropo o nang le sekolo sa Sedibeng. Tikoloho e hlaha e le motse setoropong moo ho nang le matlo a diRDP, tamene (ha Dimama), mehwanto ya boipelaetso, banna ba sebetsang mmileng le tsela eo Dikgapane a aparang ka yona, dikamano tsa bana ba sekolo le matitjhere, tshebediso ya difonofono, rakgwebo, lekgotlataolo la sekolo (SGB), Thokoza, dithunya. Tsohle tsena di paka hore tikoloho ke ya motse setoropong le hore nako paleng ena ke ya sejwalejwale/ya kajeno.

Kgolo/Kgwele Tharahano

  • Tlhase ya kgohlano e a totobala mothating ona.
  • Molwantshi le molwantshuwa ba a pepeseha.
  • Ke moo ditaba di qalang ho rarahana teng.
  • Tsitsipano e holela pele.
  • Baphweta ba jarelana dibetsa mme maemo a ntse a mpefala le ho feta.
  • Thebe o senya Tutudu lebitso (Matitjhereng, baneng ba sekolo, batswading le motseng).
  • Mafitofito a iponahatsa mothating ona mme mafitofito ao a hodisa kgohlano ho ya pele.

Sehlohlolo

  • Ke moo ditaba di rarahaneng teng.
  • Ke tsullung ya diketsahalo, mona baphetwa ba fihlelwa ke tsitsipano e kgolo kelellong le mmeleng ya bona.
  • Ditshita tse bileng teng di fihla bokgutlong, mme ke moo re reng ho kgaoha moo ho kgwehlang.
  • Ditaba di mpefala hoo di ke keng tsa kgona ho kgutlela morao / ho senyehela pele ho feta mona.
  • Seso se phunyehile boladu.

Mothipoloho/Tshenolo/Thipoloho

  • Ke moo tsitsipano le mafito di nyehlang teng. Baphetwa ba elellwa diphoso tsa bona. Tshwarelano e hlahella mohatong ona mme ya hlotsweng o a inehela. Ha ho sa tla ba le tharahano e nngwe empa ditaba di lokela ho lebisa pheletsong.

Tharollo/Phethelo

  • Ke moo mongodi a bontshang pheletso ya diketsahalo,
  • Ke moo diketsahalo tsa baphetwa di neng di habile teng, e leng hore mathata a fedile, ditaba di boetse setlwaeding.
  • Thuto eo mongodi a neng a rerile ho e fetisetsa ho babadi e hlaha karolong ena.
  • E ka hlahiswa ka mokgwa o totobetseng kapa ho ya ka tshekamelo ya mongodi.
  • Batswadi ba ikopela tshwarelo ka boitshwaro ba bona bo bobe ho Tutudu mme Thebe o a ahlolwa. Ho a tsebahala motseng ohle wa Thabure le Sedibeng hore Thebe ke yena ya neng a fehla morusu o mo kana ka lebaka la mona le lefufa leo a neng a na le lona ho Tutudu.

Sekapoloto

  • Ke poloto e nyenyane kapa pokello ya diketsahalo tse mmalwa tse ahang tabana e itseng paleng.
  • Sekapoloto se na le kgokahano le poloto e ka sehloohong; se tlisa molemo, tharahano kapa se sisinya ho itseng, kapa hona ho tshehetsa mookotaba o hlahiswang ke poloto e ka sehloohong.
  • Se tlatsetsa kgodisong ya poloto le mookotaba.

Kgohlano

  • Ke mokokotlo wa buka.
  • Ke ha maikutlo a sa dumellane dipakeng tsa mophetwa ka boyena kapa pakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta.
  • E hlola ho se dumellane dipakeng tsa baphetwa le tikoloho, nako, bodumedi, tjhebo ya dintho, tlholeho, j.j.

Mefuta ya Kgohlano

Kgohlano ya ka Hare
Ke kgohlano ya mophetwa ka boyena, o lwantshana le maikutlo a hae. Mohlala: Ntefeleng ha a le ha Tutudu mme a utlwa Tutudu a buisana le Dikgapane, o tlelwa ke kgohlano ya maikutlo. Tutudu le yena o fihlelwa ke kgohlano ena ya maikutlo nakong eo a neng a nahana hore a se ye kerekeng a mpe a phuthe mehaswana ya hae a falle Thabure. E iponahatsa hape le nakong eo a lokelang ho ya sekolong nakong eo baithuti ba ntseng ba hwanta.

See also  Tutudu ha e Patwe summary pdf free download

Kgohlano ya ka Ntle
Ena ke yona e bang tshiya/mokokotlo boholong ba dingolwa (pale le tshwantshiso). Kgohlano ena e ba pakeng tsa baphetwa moo re ka bonang ba lwantshana ka mantswe, ba tshwarana ka matshoho, ba rerelana bobe, jj. Ka nako e nngwe e ka ba ya mophetwa le tumelo (setso/bokeresete), tlhaho, tikoloho, melao, semorabe. Kgohlano e ka paleng ya Tutudu ha e patwe ke ya ka ntle, Tutudu le basebetsimmoho ba hae (Thebe) le tikoloho (Setlabotjha sa moditjhaba le matitjhere a moferefere a Thabure).

Mokgwa oo Pale e Phetwang ka Wona le Seabo sa Mophethi

Pale e ka phetwa e itshetlehile hodima lehlakore la mopheti ya bileng le seabo kapa ya phetetsweng kapa ya tsebang tsohle.

  • Mopheti ke yena ya alang leleme phate ka diketsahalo ka ho pheta pale a tebesitse maikutlo a hae ntlheng eo a lakatsang ho e fetisetsa babading.
  • Seabo sa hae ke ho/bopa baphetwa ho ya ka diketso le dipuo tsa bona tse tla senolang dimelo tsa bona.
  • O tla tsamaya a bopa tshobotsi ya mophetwa kapa baphetwa ba bang. O sebedisa kgetho e itseng ya mantswe, tikoloho, sebaka le nako ho ntshetsa diketsahalo pele.
  • Kgetho ya hae ya tikoloho le nako di thusa ho hodisa poloto di ntse di tshehetswa ke kgohlano.

Mookotaba

Ke ntlhakgolo/tabataba e fuperweng ke pale. Paleng ya Tutudu ha e patwe, mookotaba ke lefufa le mona/lehloyo la melata/baditjhaba (Lekomfere). O tla tlameha ho latela metjha yohle ya diketsahalo ho totobatsa dintlha tse tiisang mookotaba ona. Thebe o na le lefufa le mona ha a bona titjhere Tutudu a ipabola ka makgethe mosebetsing wa hae, sekolong sa Sedibeng. O mo monela le ho ba mohono hoo a rerang hore a tebelwe mosebetsing ka ho mmua hampe.

Molaetsa

Ke thuto/keletso eo mongodi a e arolelanang le babadi kapa eo mmadi a ithutileng yona kamora ho bala pale. Paleng ya Tutudu ha e patwe, re ithuta hore ke ntho e mpe ho monela motho e mong moo o ka qetellang o mo rerela bobe ba hore a hlouwe ke setjhaba le hore a fellwe ke mosebetsi.

Baphetwa

Baphetwa ba ka ba Jwang?

Baphetwa ke batho ba boiqapeolo ba phethahatsang diketsahalo le menahano paleng. Baphetwa ba na le sebopeho se kgohlelang hantle le maemo a ditaba ho fetisa mookotaba le molaetsa wa pale.

Mophetwa ya Tjhitja

Baphetwa ba tjhitja/kgidikwe e ka ba baphetwa ba sehlooho paleng, ba na le semelo se rarahaneng, ba fetoha ka tsela e itseng e bohlokwa haholo ho ya ka diketsahalo tsa pale.

Mophetwa ya Sephara/Sepapetlwa/Ntlanngwe
Mophetwa enwa ha a fetohe mme ha ba fetolwe ke diketsahalo tse ntseng di rwalellana paleng.

Mefuta ya Baphetwa

Baphetwa ba Sehlooho

Molwantshuwa

  • Molwantshuwa ke leqosa le ka sehloohong le ntshetsang pale pele, hangata ke yena mophetwa ya tobanang le mathata a mangata paleng.
  • Molwantshuwa ke mophetwa eo ditaba tsa hae di latelwang haholo ke mmadi mme eo molwantsi a leng kgahlanong le yena.
  • Molwantshuwa ke mophetwa ya nang le sepheo seo a batlang ho se fihlela, o anngwa ke kgohlano e teng ditabeng, ka lebaka leo o ba bohareng ba diketsahalo tse etsahalang.
  • O etsa diqeto tsa bohlokwa tse ka sehloohong mme qetellong o fetoha lehlatsipa le lwantshetswang diqeto tseo.
  • Mongodi o sebedisa molwantshuwa ka sepheo sa ho fihlella ditatabelo tsa hae.
  • A ka ba sephara kapa a ka ba sepapetlwa ho fihlela sepheopheo sa mongodi.

Molwantshi

  • Ke mophetwa ya kgahlanong le dikatleho tsa molwantshuwa.
  • E ka ba mophetwa wa sehlooho, a ka ba tjhitja kapa sepapetlwa e le ho ntshetsa kgohlano pele.
See also  Sesotho Idioms: Maele a Sesotho le Ditlhaloso - English Translations

Baphetwa ba Tlatsetso

  • Ke baphetwa ba ntshetsang diketsahalo pale pele le kgodisong ya poloto, ka ho thusa molwantshuwa kapa molwantshi. Ha ba na seabo se sekaalokaalo paleng. Ka lebaka leo ba ka hlaloseha ka semelo se le seng feela.

Semelo sa Baphetwa
Semelo ke sebopeho sa mophetwa seo re sa kgoneng ho se bona ka mahlo. Se fapane haholo le sebopeho sa mmele seo re kgonang ho se hlalosa ka ho sheba motho eo re buang ka yena ka mahlo feela. Re ka re motho o motenya kapa o molelele ka ho mo sheba feela empa re ke ke ra kgona hore motho o mohau re e so bone diketso tsa hae tse bontshang semelo seo.

Dintlha tsena tse latelang di ka thusa ho pepesa le ho manolla semelo sa baphetwa ekasitana le hona ho bopa semelo sa mophetwa:

Dipuo:

  • Semelo sa mophetwa se ka pepeswa ke dipuo tsa mongodi. Dipuo tsa baphetwa ba bang ka mophetwa e mong le tsona di ka senola semelo sa mophetwa. Dipuo tsa mophetwa ka boyena le tsona di ka re senolela semelo sa hae.

Moaparo wa Mophetwa

  • Mokgwa oo mophetwa a aparang ka wona o re senolela hore ke motho wa semelo se jwang.

Menahano le Mehopolo ya Mophetwa

  • Menahano le mehopolo ya mophetwa e senolwa boinotshing ba hae. E pepeswa nakong eo mophetwa a ntseng a bua a le mong kapa a ntseng a ipuisa. Ha mophetwa a bua a le mong re reng o boipuisong.

Diketso tsa Mophetwa

  • Diketso tsa mophetwa le tsona di senola semelo sa hae. Diketso tsa mophetwa di ka ba mpe hoo re senolelwang ke tsona hore o pelo e mpe kapa tsa e ba ntle hoo re senolelwang hore o lerato.

Tikoloho le Nako

  • Tikoloho le nako eo mophetwa a phelang ho yona di thusa mmadi ka semelo sa mophetwa/baphetwa. Dintlha tsena di momahane mmoho ha di arohane.

Thehello ya Mabitso

  • Thehello ya mabitso e pepesa botho ba mophetwa. Hopola maele a na a Basotho a re, ‘Bitso lebe ke seromo.’ Thebe o thibella dintle tsa Tutudu hore di se bonwe/bonahale mahlong a bana ba sekolo, basebetsimmoho le setjhabeng ka lebaka la mona le lefufa.

Molanako

  • Tatellano ya ditaba sengolweng. Ke letoto la diketsahalo tseo mongodi a di hlahisang, mme di hokahana le ho bopa ngatana; di na le selelekela, mmele le qetelo.

Sehalo le Maikutlo

  • Kgetho e hlokolosi ya mantswe e thusa ho bopa sehalo le tlhahiso ya maikutlo a mongodi mme seo se ka ama maikutlo a mmadi ka tsela e itseng. Mohlala, maikutlo a mongodi a ka hlahisa sehalo se bontshang thabo, tlhonamo, maswabi, se kgothatsang jj. Mmadi o ba le maikutlo a tshwabo ka mmaNtefeleng ha a eletsa moradi ho ratana le titjhere eo e leng motswadi ho Ntefeleng. Ke ba le maikutlo a nyahameng ho bona titjhere Thebe a nwa jwala nakong eo a lokelang ho ruta bana ka yona kapa ho hulela bana ba bashemane tameneng mme a ba rekele jwala.

Sephetho se sa Lebellwang

  • Ke moo mongodi a sebedisang lewa la ho ngoka babadi ka ho ba lahlisa mohlala wa seo ba neng ba sa se lebella.

Tomatso ya Tshwantshisong

  • Ke moo babadi ba tsebang ho feta baphetwa ka bo bona ka tse ding tsa diketsahalo tseo baphetwa ba sa di tsebeng.

Leave a comment