Tutudu ha e Patwe summary pdf free download

Tutudu ha e patwe summary pdf free download

Tutudu ha e Patwe summary

Tutudu ke kgutsana. Mmae o mo imile a sa nyalwa, mme ntatae a itatola ditaba tseo. Ka lebaka leo, mmae a tetebela maikutlo haholo mme a hlokahala kamora hore a belehe. Tutudu o hodiswa ke malomae. Mohatsa malomae o ne a sa mo rate, o mo reha lebitso la Selosanqakile, leo ka lona a neng a hlile a totobatsa hore o tlanngwe ka ntho eo a sa e rateng. Tutudu o hola kgolo e bohloko mme malomae o sitwa ho mo namolela empa lerato la malomae ho yena le hlaka mohla malomae a neng a le lekgatheng la ho hlokahala. O mmolella hore o ne a ntse a mmolokela tjhelete sephiring mme o mo eletsa hore a e sebedise bakeng sa ho ithuta. O mo kgothalletsa ho ithuta hobane ke thuto feela e tla mo lopolla bokgobeng ba ho phela ka thata.

Pelo e ja serati
Thebe o senya Tutudu
Lefufa

Thebe o tjheha leraba
Setlabotjha le Tutudu o a ipabola

Nako: ya demokrasi.
Sebaka: Motsaneng wa Thabure.
Maemo: A hlokang tlhabollo mabapi le tswelopele.
Baphetwa: Tutudu, Tselapedi, Thebe, Mokebe.
Tlhasenyana ya sesosa sa kgohlano.

Moqhaka wa tlholo
Setjhaba se a futuha
Setjhaba se a kweneha

Tutudu o feela a ithuta a ba a fumana lengolo la botitjhere. Mosebetsi wona ha a ka a o fumana habonolo, hoba o ile a ba a tshwanela ho sebetsa dikonterakeng, a tjheka mekoti ka kgarafu le peke. Ka nako ena a ithuta ho tswela pele a ba a fumana lengolo la BA Junibesithing ya Aforika Borwa. Sekgeo sa mosebetsi wa botitjhere sa hlaha sekolong sa Sedibeng, mme Tutudu kenya kopo ya mosebetsi oo. Mohla letsatsi la ho iketela mosebetsi, Tutudu a makatsa bahlahlobi ba hae ka ho kena a le sehlahlo, a itsebisa le pele modulasetulo a mo tsebisa. A araba dipotso le pele di botswa. A qetella a ipoletse hore yena ke Selosenqakile Tutudu, mme a tshepisa hore o tla sebedisana le mosuwehlooho ho beha sekolo sehlohlolong.

See also  Pale ke eng ka Sesotho

Tutudu o qetella a hirilwe leha boholo ba ditho tsa Lekgotlataolo ya Sekolo di ne di batla hore ho nkwe ngwana wa mobu, e le wa Thabure. Mohla dikolo di bulwang Tutudu a fetola ditaba. Ha moletsatshepe a e tidinya ka monyebe, Tutudu a e phamola a e letsa hore bohle ba phahame. A ipha mosebetsi wa ho otlolla mela ya baithuti. A etsa mmino hore e be o hlasimollang le ho qalella ho ruta hona letsatsing la pele.

Diphetoho tsena leha e ne e le tse sekametseng botleng di ne di sa kgahle le ho thabisa bohle. Ditaba boholo di buelwa ha Dimama moo matitjhere a nwang teng kamora nako ya sekolo. Bohle ba kgobokana moo ntle le mosuwehlooho Tselapedi hammoho le Tutudu. Thebe e leng mosuwe wa kgale sekolong sa Sedibeng, a etella pele morero wa hore Tutudu a hlokiswe botsitso sekolong a sa fihla, hobane o bonahala a kenakenana le boiketlo ba matitjhere. Le yena Dimama ka boyena leha a sa tsebe Tutudu hantle, o a ipelaetsa hobane matitjhere ha a sa tla ha hae (jwaleng) jwalo ka tlwaelo/pele.

Thebe o fehla morusu ka ho bolella baithuti, Lekgotlataolo ya Sekolo le setjhaba sohle ka dimpe tsa Tutudu. O bolela hore Tutudu o sotla bana ba sekolo hobane moo e se ha habo. Bana ba ya sekolong ba kgikgitha, ha ba sa na le nako ya kgefutso, ba hediswa le jwang bo potipotileng sekolo moo ba ka nnang ba longwa ke dinoha. Thebe o a atleha morerong wa hae hobane merusu e bile teng sekolong sa Sedibeng le motseng wa Thabure.

Dikgapane ke mosuwetsana ya neng a sebetsa le boTutudu sekolong sa Sedibeng mme o kgahlilwe ke Tutudu le yena, o romella Tutudu molaetsa ka selefounu hore a se ke a itlhahisa kapa ho iponahatsa sekolong hobane setjhaba se ne se bokane ho ya bona ha a ntshwa ka ntshwe di sa fohlwa. Ntefelleng e leng moithuti wa sehlopha sa leshome le metso e mmedi sekolong, eo le yena a neng a se a kgahlilwe ke Tutudu mme o atleha ho sirelletsa thepa ya ntlo ya Tutudu matsohong a barutwana ba neng ba batla ho e senya ka ho letsetsa mapolesa. Mapolesa a fihla le ho shapa bashemane ba neng ba le morerong wa ho senyetsa Tutudu thepa ya ka tlong.

See also  Sesotho Idioms: Maele a Sesotho le Ditlhaloso - English Translations

Sekolo sa Sedibeng se kwalwa nakwana ka lebaka la moferefere o neng o le teng sekolong. Ke nakong ena eo lerato la Tutudu le Dikgapane le totang. Ka lebaka la ho kwalwa ha sekolo Dikgapane o rera nka leeto ho ya ha habo ho ya kumela mmae ka tsa mohlankana e motjha eo a ratanang le yena bophelong ba hae. Tutudu o kgetha ho sala a batlana le tjhelete ya ho thusa ho lokolla batshwaruwa ba merusu tjhankaneng.

Thebe o boela o kenya Tutudu maqakabetsing ka ho susumelletsa Ntefeleng ho ya robala dikobong tsa Tutudu jwalo kaha eka ba ne ba robetse mmoho. Setjhaba sa fihla se phuthehile le Dikgapane ya neng a fumane molaetsa o reng a ke ke a hlola a bona Tutudu. O fihla a fehile matshwafo ho tla bona se etsahetseng, kaha mapolesa a ne a bitsitswe hore a tlo tshwara Tutudu. Ntefeleng a ema lehlakoreng la Tutudu hore tseo tsohle e ne e mpa e le leraba le thehilweng ke Thebe ho kenya Tutudu maqakabetsing. O re Tutudu ha a mo dumella ho robala dikobong tsa hae, ba fihla a ntse a mo leleka.

Setjhaba sa qala ho buleha mahlo ka merero ya Thebe le hona ho utlwisisa botho ba Tutudu. Bohle ba neng ba sitetswe Tutudu ba ikopela tshwarelo. Tutudu o qetella a phela ka kgotso le ka thabo hammoho le Dikgapane. O boela ho ikgapela dipelo tsa setjhaba ka kakaretso kamora tsohle tse etsahetseng. Thebe o a hlolwa.



Looking for something specific?


Leave a comment